Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:7 - BIBELE

7 Jwale Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa mohwe wa hae; a itihela kapele ho yena, a mo aka. Ba botsana bophelo, ba nto kena ka tenteng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:7
23 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a kgutla ho tswa hlola Kedore-Laomere, le dikgosi tse neng di mo tlatsitse, kgosi ya Sodoma ya ya mo kgahlanyetsa kgohlong ya Shafe, e leng Kgohlo ya Kgosi.


A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,


Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.


Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo motjhana hae, a matha ho ya mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, a mo isa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane tsena tsohle,


Ke hobaneng o sa mphang sebaka sa hore nke ke ake bara ba ka le baradi ba ka? Ruri o sebeditse ka bothoto.


Ha Josefa a se a fihlile hae, ba mo nea dimpho tseo ba tlileng le tsona, ba inama kapele ho yena.


A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.


Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.


Ha Uriya a fihla ho yena, Davida a mmotsa hore na Joabe o phela jwang le mabotho, le hore na ntwa e tsamaya jwang.


Yaba Batesheba o ya ho kgosi Solomone, ho ya buella Adoniya. Kgosi ya ema ho mo amohela, ya mo obamela, ya dula teroneng ya yona, mma kgosi a fuwa setulo, mme a dula ka letsohong le letona ho kgosi.


Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Yaba o tsebisa Moshe o re: “Nna Jethero, mohwe wa hao, ke tlile ho wena, ke ena le mosadi wa hao, le bara ba hao ba babedi bao a nang le bona.”


Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.


Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.


Ha Balake a utlwa hore Bileame o ntse a etla, a ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o moeding wa Arenone, moo moedi o fellang teng.


Ha o a nkaka, empa mosadi enwa, haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.


Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.


Kamorao ho moo, yare hoba badumedi ba leng Roma ba utlwele tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa lebaleng la motse wa Apiuse, le moo ho thweng ke Dihoteleng tse Tharo, mme yare ha Paulosi a ba bona, a leboha Modimo, a kgoba matshwafo.


Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.


Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle.


Davida a siya thoto ya hae matsohong a molebedi, a mathela thekong ya ntwa. Ha a fihla teng a dumedisa bana babo, a ba botsa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos