La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka moya o tswang nkong tsa hao metsi a bokellana, metsi a phallang a ema jwaloka lerako, madiba a tuduana botebong ba lewatle.

Ver Capítulo



Eksoda 15:8
13 Referencias Cruzadas  

Mangope a lewatle a hlaha; ha bonahala le metheo ya lefatshe ka baka la kgalemelo ya Jehova, le pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hae.


ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.


O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena, oo ka wona, ha a utlwa taba e nngwe, a tla kgutlela naheng ya hae, ke mo dihe ka lerumo naheng ya hae.


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


O tsamaya hodima lewatle, le pere tsa hao hodima qubu tsa metsi a maholo.


Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.


Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.