Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 14:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba tsamaya mobung o ommeng kahara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:29
19 Referencias Cruzadas  

Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.


Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.


A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.


Ya arohantseng Lewatle le Lefubedu ka lehare: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene lewatleng, mme Jehova o buseditse metsi a lewatle hodima bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a lewatle.


Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle.


Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?


Ho ya kang, ha o ka lebala Jehova, Mmopi wa hao, ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe? Ke ka baka lang ha o tshohile kamehla ka ditshiu tsohle ka kgalefo ya mohlorisi ha a itokisa ho lwana? E kae jwale, kgalefo ya mohlorisi?


Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba bontate moholo ba bile bohle katlasa leru, mme bohle ba ne ba tshele lewatle;


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos