Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.
Eksoda 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a bua le Moshe le Aarone naheng ya Egepeta, a re: BIBELE Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le naheng ya Egepeta, a re: |
Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.
Bana ba Iseraele ba neng ba le teng, le bona mohlang oo ba etsa Paseka, mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka matsatsi a supileng.
Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.
Ako bue jwale ditsebeng tsa setjhaba, hore monna e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta.
Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, mantsiboya, le tla ja bohobe bo se nang ditomoso, ho fihlela letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, mantsiboya.
Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.
Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, le tla ba le Paseka, mokete wa matsatsi a supileng; ho tla jewa mahobe a se nang ditomoso.
Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.
Le tla e etsa ka nako e beilweng, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi yona ena, ka nako ya mantsiboya; le tla e etsa ka ditaelo tsohle le ka melao yohle e beetsweng yona.
ba etsa Paseka feelleng la Sinai, ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya. Tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe, bana ba Iseraele ba di etsa jwalo.
Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.
Yare hobane a mo tshware, a mo kenya teronkong, mme a mo neela dihlophana tse nne, hore di tle di mo lebele, hlopha se seng le se seng se ena le bahlabani ba bane, a lakatsa ho mo hlahisa pela setjhaba ha Paseka e fetile.
Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;