Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 11:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 11:10
17 Referencias Cruzadas  

Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?


Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a lokolla bana ba Iseraele.


Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme a hana ho ba lokolla.


Jehova a bua le Moshe le Aarone naheng ya Egepeta, a re:


Empa ke tseba hoba morena wa Egepeta ha a ka ke a le dumella ho tsamaya, esita leha a ka etswa ka letsoho le matla.


Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.


Mme nna, ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke atise dipontsho tsa ka le dimakatso tsa ka naheng ya Egepeta.


Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.


Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!


O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Ho ka thusang, leha le ka thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba kile ba thatafatsa dipelo tsa bona? Ana ha ba ba ka ba tlohelwa, ba itsamaela, mohla a etsang ka matla hara bona na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos