Eksoda 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) matsibolo kaofela a lefatshe la Egepeta a tla shwa, ho qala ka letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le dutseng kamora lelwala, le matsibolo kaofela a diphoofolo. BIBELE Matsibolo wohle a naheng ya Egepeta a tla shwa; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le kgumameng kamora lelwala, le matsibolo wohle a diphoofolo. |
Wa otla matsibolo kaofela naheng ya Egepeta, sehlooho sa bonna ba bona ditenteng tsa Kama.
Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.
Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.
Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.
ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.
Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.
Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.