Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 47:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:2
22 Referencias Cruzadas  

hobane o ne a itse ho mohlanka: Monna elwa ke mang, ya tsamayang naheng, ya lebileng ho rona? Mohlanka a re: Ke mong a ka. Yaba Rebeka o nka lesira, a ikwahela.


Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.


ha ho ka ba jwalo, mosadi wa ka a silele e mong, mme a fejwe ke ba bang;


matsibolo kaofela a lefatshe la Egepeta a tla shwa, ho qala ka letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le dutseng kamora lelwala, le matsibolo kaofela a diphoofolo.


le mamati a menyako a tla kwalwa ka nqa kantle; mohla modumo wa lelwala o tla fokola, mohla ho tla tsohuwa ha ho lla dinonyana, mohla ho tla kgathala dikgeleke kaofela;


ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.


ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.


le diipone, le masela a boleana a lene e ntle, le dituku tse qhakileng, le ditipe tsa kase.


Tsohang, baiketli! Thothomelang, baitshepi! Lahlang dikobo tsa lona, le hlobole, le itlame matheka ka lesela le mahwashe!


Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.


Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.


Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Bahlankana ba jarisitswe malwala, ba batjha ba imetswe ke diphahlo tsa dipatsi.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.


ho basadi ba babedi ba tla beng ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.


Ho basadi ba babedi ba silang hammoho, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.


Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos