Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.
Eksoda 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena wa Egepeta o bitsa babelehisi, a re ho bona: Ke ka baka lang ha le entse taba ena, le tlohetse bana ba batona hore ba phele? BIBELE Yaba kgosi ya Egepeta e bitsa babelehisi, e re ho bona: “Ke ka baka lang ha le etsa ntho e tjee, le tlohela bana ba bashanyana ba phela?” |
Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.
Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.
Babelehisi ba re ho Faro: Ke kahobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta, hobane ke basadi ba hlaha, mme ere mmelehisi a eso fihle ho bona, ba be ba se ba belehile.