Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 1:17
22 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.


Leha ho le jwalo, taelo ya morena ya hlola Joabe le balaodi ba bang ba makgotla, mme Joabe le balaodi ba bang ba makgotla ba tloha ho morena ho ya bala setjhaba sa Iseraele.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Bahlanka ba morena ba emang pela monyako wa morena, ba re ho Mordekai: O tlolelang taelo ya morena?


Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;


Yaba morena wa Egepeta o bitsa babelehisi, a re ho bona: Ke ka baka lang ha le entse taba ena, le tlohetse bana ba batona hore ba phele?


Ka baka la hobane babelehisi ba tshabile Modimo, wa ba hlohonolofaletsa matlo a bona.


Makgopo a phekolwa ke mohau le nnete, mme ke ka ho tshaba Jehova batho ba phemang bobe.


Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.


Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.


Efraime o a imelwa, o tlepenngwa ke kahlolo, hobane o ithatetse ho ya ka taelo eo a iketseditseng yona;


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Jwale, morena a re ho dititimi tse emeng pela hae: Emang, le bolaye baprista ba Jehova, hobane ba emetse Davida; hape ba tsebile ha a baleha, mme ha ba ka ba ntsebisa. Empa bahlanka ba morena ba hana ho isa matsoho ho bolaya baprista ba Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos