Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!
Daniele 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba bua, ba re ho morena Nebukadnesare: Morena, phela ka ho sa yeng kae! BIBELE Ba bua ho kgosi Nebukadenesare, ba re: “Oho, wena kgosi, ako re phelele kamehla yohle! |
Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!
Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.
Taba tseo tsa morena le tsa mahosana a hae ha di sa dutse jwalo, mofumahadi a kena tlung ya mokete; mofumahadi a bua, a re: Morena, phela ka ho sa feleng! Mehopolo ya hao e se ke ya ferekana, sefahleho sa hao se se ke sa fetoha!
Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.