Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Morena, o beile taelo ya hore e mong le e mong ya utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, a kgumame, mme a rapele setshwantsho sa kgauta; wa re,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Wena kgosi, o entse taelo ya hore motho ka mong ha a utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, a itihele fatshe, a kgumamele setshwantsho sa kgauta.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:10
24 Referencias Cruzadas  

Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona.


Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Na o ka ba le kopano le terone ya bokgopo, e qapang bobe, e nyatsisang molao na?


a re: Ha le belehisa basadi ba Baheberu, mme le bona hoba ba se ba ya beleha, ere ha e le ngwana e motona, le mmolaye, mme ha ekaba ke ngwana wa mosetsana, a pholohe.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Ka boela ka tadima tlasa letsatsi, ka bona bokgopo bo le teng nqalong ya kahlolo, le tulong tsa ho loka ka bona bokgopo.


Ho madimabe ba beang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang mangolo a hloriso;


leha e ka ba mang ya sa tlong ho kgumama a rapela, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


Ba ya ho morena, ba bua pela hae ka molao o entsweng ke yena morena, ba re: Hleka ha o a ka wa ngola molao wa hore, motho leha e ka ba mang ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, kapa ho motho ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, o tla akgelwa lemeneng la ditau na? Morena a araba, a re: Ke taba e tiileng ka molao wa Bamede le Bapersia, e leng o sa fetoheng.


Ba ntse ba bina dipina tsa bosawana modumong wa diharepa; ba iqapela mesebetsi e tidinngwang, jwaloka Davida.


Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos