La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Daniele 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mohlang oo, nna Daniele, ka ba dillong ka veke tse tharo,

Ver Capítulo

BIBELE

Ka wona matsatsi ao, nna Daniele ka ba bofifing ka dibeke tse tharo tse tletseng.

Ver Capítulo



Daniele 10:2
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


Ke tla re ho Modimo, lefika la ka: O ntebalelang? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?


Erekaha o le Modimo oo e leng qhobosheane ya ka, o ntahletseng? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?


Ithabiseng le Jerusalema, nyakallo ya lona e ke e tsoswe bakeng sa hae, lona kaofela ba mo ratang! Ithabeleng haholo le yena, lona kaofela ba nnileng ba mo llela;


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.


Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.


ha ke re: Ke utlwa bohloko bo boholo, sello se sa feleng se teng pelong ya ka.


Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.


Ekare ha motho a rata ho di etsa hampe, mollo o tla tswa melomong ya tsona, mme o tla ja dira tsa tsona; mme e mong le e mong ya ratang ho di etsa hampe, e ka kgona a shwe jwalo.