Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ke sa je dijo tse monate; nama ha e a ka ya kena molomong wa ka, leha e le veine; ha ke a ka ka tlola ka veke tse tharo tse tletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 10:3
11 Referencias Cruzadas  

Mefiboshethe, mora Saule, le yena a tla kgahlanyetsa morena: o ne a sa ka a itlhatswa maoto, leha e le ho lokisa ditedu tsa hae, leha e le ho hlatswa diaparo tsa hae haesale morena a tloha, ho fihlela a ba a kgutla ka kgotso.


ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang;


A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.


O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.


Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.


Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.


Lobelang silefera, le lobele kgauta. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokilweng; ke diqubuqubu tsa mesebetsi yohle e lakatsehang.


Haele wena, enore ha o itima dijo, o itlotse hlooho, o iphotle sefahleho;


Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole; empa enwa o tlotsitse maoto a ka ka setlolo,


ke mpa ke laya mmele wa ka, ke ithapisetsa wona; esere mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, nna ka fumanwa ke sa lokelwa ke ho amohelwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos