Daniele 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono. Ver CapítuloBIBELE1 Ka selemo sa boraro sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a fihlelwa ke molaetsa. Molaetsa ona e ne e le nnete, empa o le thata hore motho a o utlwisise. Daniele o ile a senolelwa molaetsa ona ka pono, mme a o utlwisisa. Ver Capítulo |
Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena Siruse o laetse bakeng sa ntlo ya Modimo o Jerusalema hore ntlo eo e boele e tsoswe, e tle e be moo ho hlajwang mahlabelo, mme metheo ya yona e tsoswe e le e thata. Bolelele ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara ba yona e be ditswe tse mashome a tsheletseng;
hobane moya o phahamileng, le tsebo, le kutlwisiso ya kwahollo ya ditoro, le qaqisetso ya dilotho, le hlalosetso ya dipotso tse thata, di nnile tsa fumanwa ho yena, e leng Daniele, eo morena a neng a fetole lebitso la hae ka la Beltsatsare; ha ho le jwalo, Daniele a ke a latwe, mme o tla o nea kwahollo.