Daniele 10:1 - BIBELE1 Ka selemo sa boraro sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a fihlelwa ke molaetsa. Molaetsa ona e ne e le nnete, empa o le thata hore motho a o utlwisise. Daniele o ile a senolelwa molaetsa ona ka pono, mme a o utlwisisa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono. Ver Capítulo |
Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.
“Ka selemo sa pele sa puso ya hae, kgosi Siruse a etsa taelo malebana le Tempele ya Modimo e Jerusalema. Taelo eo e ne e re: ‘Ho hahwe Tempele, e leng sebaka seo ho tla nyehellwa mahlabelo ho sona, mme metheo ya yona e tiye. Bophahamo ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng.