Ya kgabane o hloile polelo tsa leshano; empa ka tsona e mobe o ipatlela dihlong le nyediso.
BaKolose 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae; BIBELE Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Baasraak Sotho NT Le se ke la bolellana leshano, kahobane le hlobotse motho wa kgale le diketso tsa hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la bolellana leshano, kahobane le hlobotse motho wa kgale le diketso tsa hae; |
Ya kgabane o hloile polelo tsa leshano; empa ka tsona e mobe o ipatlela dihlong le nyediso.
Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.
Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!
Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;
Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;
Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.
Empa jwale, lahlang le lona, ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itshena, le lonya, le dinyefolo; mme polelo e dihlong e se ke ya tswa melomong ya lona.
le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,
Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.
Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.
Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.