Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
BaKolose 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle. BIBELE Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala. Baasraak Sotho NT Mme lona le phethehile ho yena, eo e leng hlooho ya mebuso yohle le mebuso yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme lona le phethehile ho yena, eo e leng hlooho ya mebuso yohle le mebuso yohle. |
Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a busetsang mmuso ho Modimo Ntate, mme a fedisang borena bohle, le mebuso yohle, le matla wohle.
hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,
mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,
ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.