Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.
BaFilipi 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa haele moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaye ka molao o le mong. BIBELE Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse. Baasraak Sotho NT Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang. |
Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.
Modimo wa mamello le wa tshediso o ke o le nee ho ba le kgopolo e le nngwe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste,
Mme haele bohle ba tlang ho ya ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le ho Iseraele wa Modimo.
Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,
le ke le phethise thabo ya ka, ka ho ba le kgopolo e le nngwe, le lerato le le leng, le moya o le mong, le ho ikutlwa ho le hong feela.
Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.