Morena Davida a hlolohelwa Absalome, hobane o ne a tshedisehile bakeng sa ho shwa ha Amnone.
BaFilipi 2:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae. BIBELE O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula. Baasraak Sotho NT Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula. |
Morena Davida a hlolohelwa Absalome, hobane o ne a tshedisehile bakeng sa ho shwa ha Amnone.
Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!
Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.
ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.
A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo.
Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.
Hobane ke hlolohetswe ho le bona, ke tle ke le sitse ka molemo o mong wa Moya, le tle le tiiswe;
Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.
Ke moo ba tla le rapella, mme ba tiye ho le rata, ka baka la mohau wa Modimo o le atetseng.
Ke moo ke le rapelang hore le se ke la fediswa pelo ke dihloriso tse ntlhahelang ka baka la lona; tsona ke thoriso ya lona.
Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking.
O fela a kile a kula, a batla a eshwa; empa Modimo o mo hauhetse, e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka imelwa ke mahlomola a kallanang.
Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.
Ke sona seo le se thabelang haholo, leha empa jwale le sa ntse le hlomohile ke meleko e mengata, leha empa e le ka motsotso o mokgutshwanyane kamoo ho le tshwanetseng kateng;