Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.
Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.
Bara ba hao le baradi ba hao ba tla neelwa setjhaba sesele, mme mahlo a hao a tla bona hoo, mme a tla teneha ke ho ba lebella letsatsi lohle, mme matla a tla ba siyo matsohong a hao.