Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.
Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame.
Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho.