Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Joabe, mora Tseruja, a lemoha hobane pelo ya morena e hlolohetswe Absalome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:1
8 Referencias Cruzadas  

Morena Davida a hlolohelwa Absalome, hobane o ne a tshedisehile bakeng sa ho shwa ha Amnone.


Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;


Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!


Kahoo ho hlola ha tsatsi leo ha fetohela setjhaba sohle bofifi, hobane setjhaba se ne se utlwa tsatsing leo, ha ho thwe, morena o hlomohetse mora hae;


Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!


Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.


Ba bangata ba batla tjhadimo ya mmusisi; empa kahlolo ya motho e tswa ho Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos