BaFilipi 1:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane le dutse ntweng eo le boneng e le ho nna, eo le jwale le sa utlwang hobane e ho nna. BIBELE Le lwana ntwa e tshwanang le eo le boneng ke e lwana, eo le utlwang hore le jwale ke sa e lwana. Baasraak Sotho NT Le na le ntwa e tshwanang le eo le e boneng ho nna, eo le e utlwang jwale hore e ho nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le na le ntwa e tshwanang le eo le e boneng ho nna, eo le e utlwang jwale hore e ho nna. |
Ho tlangwa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ya borena, le ka nqa tsohle tse ding.
Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.
Hobane ke rata ha le ka tseba ntwa e kgolo eo ke e lwanelang lona, le ba Laodisia, le bohle ba sa kang ba bona sefahleho sa ka nameng,
Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.
Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.
Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,
Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.