Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Baefese 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo — BIBELE “Hlompha ntatao le mmao.” Ona ke molao wa pele o nang le tshepiso e reng: Baasraak Sotho NT Hlompha ntatao le mmao; (e leng molao oa pele o nang le tšepiso;) Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hlompha ntatao le mmao; (e leng molao oa pele o nang le tšepiso;) |
Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Haele ntlo ya bana ba Rekabe, Jeremia a ba bolella, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Erekaha le utlwile taelo ya Jonadabe, ntata lona moholo, mme le bolokile ditaelo tsa hae kaofela, mme le entse hohle hoo a neng a le laetse hona;
Le se ke la haha matlo, le se ke la jala dijalo, le se ke la hloma masimo a merara, leha e le ho a rua, le mpe le nne le dule ditenteng ka ditshiu tsohle tsa lona, hore le tle le phele ditshiu tse ngata lefatsheng leo le ahellang ho lona.
Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.
Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?
Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.
Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Empa ekare ha mohlolohadi e mong a ena le bana, kapa ditloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ya bona, le ho etsa ba ba tswetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho kgahlehang pela Modimo.