Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o tle o be le lehlohonolo, mme o phele halelele lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “O tla atleha, mme o phele halelele lefatsheng.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 E le hore dintho di o tsamaele hantle, mme o phele halelele lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 E le hore dintho di o tsamaele hantle, mme o phele halelele lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:3
15 Referencias Cruzadas  

Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.


Le se ke la haha matlo, le se ke la jala dijalo, le se ke la hloma masimo a merara, leha e le ho a rua, le mpe le nne le dule ditenteng ka ditshiu tsohle tsa lona, hore le tle le phele ditshiu tse ngata lefatsheng leo le ahellang ho lona.


Leha ekaba ke ho hotle, kapa ke ho hobe, re tla utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, eo re o romelang ho yena, hore re tle re hlohonolofale, ha re ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo —


Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.


O se ke wa a ja, o tle o iketle, wena, le bana ba hao kamora hao, ha o ntse o etsa se lokileng pela Jehova.


Ela sedi, o utlwe ditaba tsena tsohle tseo ke o laelang tsona, o tle o iketle kamehla, wena, le bana ba hao kamora hao, ha o ntse o etsa se molemo, se lokileng pela Jehova, Modimo wa hao.


o nke madinyane, mme o tlohele mma wona, o tle o be le lehlohonolo, mme o ngatafatse matsatsi a hao.


Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.


O etse se lokileng le se molemo pela mahlo a Jehova, o tle o iketle, mme o kene, o rue lefatshe le molemo leo Jehova a anetseng bontatao hore o tla ba fa lona,


Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.


Ebile Naomi matsalae o re ho yena: Moradi wa ka, na nke ke ka o batlela phomolo, o tle o iketle na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos