O hopole selekane sa hao, hobane dinqalo tse ntsho tsa lefatshe di tletse mahaha a dihlola.
Baefese 4:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona. BIBELE Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona. Baasraak Sotho NT Ba fifetse kutlwisiso, ba hole le bophelo ba Modimo ka ho se tsebe ho leng teng, ka baka la bofofu ba dipelo tsa bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba fifetse kutlwisiso, ba hole le bophelo ba Modimo ka ho se tsebe ho leng teng, ka baka la bofofu ba dipelo tsa bona. |
O hopole selekane sa hao, hobane dinqalo tse ntsho tsa lefatshe di tletse mahaha a dihlola.
Thabeng ena o tla tlosa lesira le siretseng batho bohle, le kobo e kwahetseng ditjhaba kaofela.
ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.
Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;
Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.
Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.
Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.
Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.
Ho jwang jwale? Seo Iseraele a neng a se batla, ha a ka a se fumana; empa bakgethwa ba se fumane, athe ba bang ba thatafaditswe;
Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.
e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.
Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.
e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;
mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
Le lona, le neng le le hole pele, le neng le sa le dira ka mehopolo le ka mesebetsi e mebe,
mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.
empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.
Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.
O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.
Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.