Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:18 - Baasraak Sotho NT

18 Ba fifetse kutlwisiso, ba hole le bophelo ba Modimo ka ho se tsebe ho leng teng, ka baka la bofofu ba dipelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ba fifetse kutlwisiso, ba hole le bophelo ba Modimo ka ho se tsebe ho leng teng, ka baka la bofofu ba dipelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:18
34 Referencias Cruzadas  

Hobane pelo ya setjhaba sena e retile, ba utlwe ka ditsebe, ba kwetse mahlo a bona; e se re mohlomong ba ka bona ka mahlo, ba utlwa ka ditsebe, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, mme ba sokoloha, mme ka ba fodisa.


Yare ha a ba tadima ka nqa tsohle ka kgalefo, a swabiswa ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme letsoho la hae la fola, la ba jwaloka le leng.


O foufaditse mahlo a bona, o thatafaditse dipelo tsa bona; e le hore ba se ke ba bona ka mahlo, kapa ba utloisisa ka lipelo tsa bona, ’me ba se ke ba sokoloha, ’me ke tla ba folisa.


Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;


Mme jwale, banabeso, ke a tseba hore le entse hoo ka ho se tsebe, jwalokaha le babusi ba lona ba entse.


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Joale ho thoe’ng? Iseraele ha a ka a fumana seo a se batlang; empa bakgethwa ba se fumane, mme ba bang ba foufaditswe,


O itshepetse hoba wena o moetapele wa difofu, lesedi la ba lefifing.


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya.


Empa dikelello tsa bona di ne di foufaditswe, hobane ho fihlela kajeno lona lesira leo le ntse le sa tlosoe ha ho balwa testamente ya kgale; lesira leo le tlositsweng ho Kreste.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Leha ho le jwalo, mehleng eo, ha le ne le sa tsebe Modimo, le ne le sebeletsa bao ka tlhaho e seng medimo.


Le lona o le phedisitse, ba neng ba shwele ditlolo le dibe;


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le le basele le setjhaba sa Iseraele, le le basele dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Le lona, ba pele le neng le ikarotse, mme le le dira menahanong ya lona ka mesebetsi e mebe, jwale o le boelantse.


e seng ka ditakatso, jwaloka baditjhaba ba sa tsebeng Modimo;


Ke mang ya ka hauhelang ba sa tsebeng le ho ba kgelohileng; hobane le yena o potapotilwe ke mefokolo.


Empa ho ya bobedi, moprista e moholo a nnotshi o kena hang ka selemo, e seng ntle le madi, ao a ikgethelang wona le bakeng sa ditlolo tsa setjhaba.


Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.


Le be bana ba mamelang, le se ke la ipapisa le ditakatso tsa lona tsa pele, tsa ho se tsebe ha lona.


Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos