Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baefese 4:17 - Baasraak Sotho NT

17 Jwale, ke bolela sena, mme ke paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaya jwaloka baditjhaba ba bang, ka bosawana ba dikelello tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jwale, ke bolela sena, mme ke paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaya jwaloka baditjhaba ba bang, ka bosawana ba dikelello tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:17
35 Referencias Cruzadas  

Hobane ke na le bana beso ba bahlano; a tle a ba pake, esere le bona ba tla nqalong ena ya tlhokofatso.


ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.


Eitse ha Silase le Timothea ba etswa Masedonia, Pauluse a tsieleha moyeng, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


A paka ka dipolelo tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng molokong ona o kgopo.


ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba o tlotlisa jwaloka Modimo, leha e le ho o leboha; empa ba fetoha lefeela mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona tse hlokang kelello tsa fifala.


Jwale ke bolela hore e mong le e mong wa lona o re: Nna, ke wa Pauluse; le nna ke wa Apolose; le nna ke wa Kefase; le nna ke Kreste.


Jwale, banabeso, ke bolela hore nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo; le ho bola ha ho rue ho se boleng.


Empa ke re: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo o tla kotula haholo.


Mme ke re: Selekane se tiisitsweng pele ke Modimo ke Kreste, molao o bileng teng kamorao ho dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa e fedisa, hore o tle o fedise pallo.


Hobane ke boela ke pakela motho e mong le e mong ya bolotseng, hore o na le molato ho phetha molao wohle.


mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho.


hore le hlobole motho wa kgale ka tsa motsamao wa pele, o bodileng ka ditakatso tse thetsang;


Ho se be motho ya le thetsang mabapi le moputso wa lona ka boikokobetso ba boithatelo ba lona, le ka borapedi ba mangeloi, ka ho itshunyatshunya dinthong tseo a sa kang a di bona, a ikgohomositse lefeela ka kelello ya hae.


Ke bolela sena, hore ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tse hohelang.


hore ho se be motho ya fetelletsang, mme a qhekella ngwanabo tabeng efe kapa efe;


Ke o laela pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore o boloke taba tseo, o sa kgetholle, o se ke wa etsa letho ka leeme.


Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.


Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;


Lea tseba hore ha le a ka la lopollwa ka dintho tse bolang, ka silevera le kgauta, metsamaong ya lona ya lefeela, eo le e amohetseng ho bontata lona.


Hobane ha ba bolela dipolelo tsa boikgohomoso, ba hohela ka ditakatso tsa nama le ka bohlola, ba phonyohileng ho ba phelang ka ho kgeloha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos