Baefese 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya neng a theohile, esale yena ya nyolohetseng kahodimo ho mahodimo wohle, a tle a tlale ntho tsohle. BIBELE Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena. Baasraak Sotho NT Ya theohileng ke yena ya nyolohetseng hole hole mahodimo wohle, hore a tle a tlatse tsohle.) Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya theohileng ke yena ya nyolohetseng hole hole mahodimo wohle, hore a tle a tlatse tsohle.) |
A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.
Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.
Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.
Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa.
ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.
Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.
Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.
Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —
mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;
Jwale, sehlooho sa ditaba tseo re di boletseng, ke hoba re na le moprista e moholo hakalo, ya dutseng letsohong le letona ho terone ya Boholo mahodimong;