Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.
Baefese 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) e le hore, ha le se le meletse leratong, le theilwe ka ho lona, le be ba ka utlwisisang le bahalaledi bohle bophara ba lona, le bolelele ba lona, le botebo ba lona, le ho phahama ha lona; BIBELE hore, mmoho le badumedi bohle, le tle le tsebe ho utlwisisa seo bophara ba lona, bolelele ba lona, bophahamo ba lona, le botebo ba lona bo leng sona. Baasraak Sotho NT Le tle le tsebe ho utlwisisa hammoho le bahalaledi bohle seo bophara le bolelele le botebo le bophahamo bo leng sona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tle le tsebe ho utlwisisa hammoho le bahalaledi bohle seo bophara le bolelele le botebo le bophahamo bo leng sona; |
Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.
Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,
Empa jwalokaha lehodimo le phahame hodimo ho lefatshe, ditsela tsa ka di phahame jwalo hodimo ho ditsela tsa lona, le mehopolo ya ka hodimo ho mehopolo ya lona.
Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela!
Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;
Mohau wa Morena Jesu Kreste o be le lona bohle, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang. Amen!
Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.
Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;
hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.
Ka baka leo, haesale ke utlwa le nna tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,
mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.