Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:18 - Baasraak Sotho NT

18 Le tle le tsebe ho utlwisisa hammoho le bahalaledi bohle seo bophara le bolelele le botebo le bophahamo bo leng sona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 e le hore, ha le se le meletse leratong, le theilwe ka ho lona, le be ba ka utlwisisang le bahalaledi bohle bophara ba lona, le bolelele ba lona, le botebo ba lona, le ho phahama ha lona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 hore, mmoho le badumedi bohle, le tle le tsebe ho utlwisisa seo bophara ba lona, bolelele ba lona, bophahamo ba lona, le botebo ba lona bo leng sona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Le tle le tsebe ho utlwisisa hammoho le bahalaledi bohle seo bophara le bolelele le botebo le bophahamo bo leng sona;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:18
28 Referencias Cruzadas  

Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, hore motho a tele bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.


Hobane, kahobane ba ne ba sa tsebe ho loka ha Modimo, mme ba ne ba batla ho tiisa ho loka ha bona, ha ba a ka ba ikokobeletsa ho loka ha Modimo.


Bahalaleli bohle ba a le dumedisa.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


e le hore tsamaisong ya nako e tletseng a tle a bokelle nthong tsohle ho Kreste, tse mahodimong le tse lefatsheng; le ka ho yena:


Ka baka leo, ha ke utlwa tumelo ya lona ho Morena Jesu Kreste, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.


Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.


Erekaha re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos