Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:19 - Baasraak Sotho NT

19 Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Le tsebe lerato la Kreste le fetang tsebo yohle, e le hore le tlale bophelo bo phethehileng ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:19
24 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka le ba nyoretsweng ho loka, hobane ba tla kgoriswa.


Mme ho botlalo ba hae re amohetse mohau hodima mohau.


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste? A ke matshwenyeho, kapa ditsietsi, kapa mahloriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane lerato la Kreste le a re tlamella; gonne re atlhola gore fa mongwe a swetse botlhe, ke gone botlhe ba sule.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


E leng mmele wa hae, e leng botlalo ba ya tlatsang tsohle ho bohle.


Le tle le tsebe ho utlwisisa hammoho le bahalaledi bohle seo bophara le bolelele le botebo le bophahamo bo leng sona;


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a itela ka baka la yona;


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


Mme kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


Eo le mo ratang, le eso ho mmone; eo, leha le sa mmone jwale, le dumetse ho yena, mme le thaba ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tletseng kganya;


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos