Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 14:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 14:5
30 Referencias Cruzadas  

Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.


Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!


Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.


Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


Baiseraele bohle ba neng ba ba teetse hare ba baleha ka baka la seboko sa bona, ba re: E se be le rona lefatshe la re metsa.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.


A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.


a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.


Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.


Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi.


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos