Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.
Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.
Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.
A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.
Ke letsatsi la botsho le la lefifi, ke letsatsi la maru, la maru a matsho. Jwaloka mafube a meso ha a aparela dithaba, ho tla setjhaba se seholo, se matla. Ho qala tshimolohong, ha ho eso ho be se ka ka sona, mme kamora sona ha ho sa tla boela ho be teng se jwalo ho isa dilemong tse sa yena kae.
Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.
Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.