Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!
Baefese 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele. BIBELE e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo. Baasraak Sotho NT hore re tle re be thoriso ya kganya ya wona, rona ba tshepileng Kreste pele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hore re tle re be thoriso ya kganya ya wona, rona ba tshepileng Kreste pele. |
Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!
Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.
Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.
Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.
e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.
hore mehleng e tlang, o tle o bonahatse monono o fetisang wa mohau wa wona, ka lereko leo o re etseditseng lona ho Jesu Kreste.
ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!
Empa haele rona, re tshwanetse ho boka Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, baratuwa ba Morena, kahobane Modimo o le kgethile esale ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletswa ke Moya, le ke ho dumela nnete.
Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.
Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.
ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.