Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:12 - BIBELE

12 e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 hore re tle re be thoriso ya kganya ya wona, rona ba tshepileng Kreste pele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hore re tle re be thoriso ya kganya ya wona, rona ba tshepileng Kreste pele.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:12
21 Referencias Cruzadas  

Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


“Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.


e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.


Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu,


a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!


Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos