La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Amose 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le tla tswa motseng moo lerako le helehileng, e mong le e mong kapele ho yena, le balehe hole le qhobosheane tsa lona: ho itswalo ke Jehova.

Ver Capítulo

BIBELE

Le tla tswa ka dikgeo tsa marako, le tswe ka bonngwe le kolokile, le tswe, le yo lahlelwa Heremone,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo



Amose 4:3
12 Referencias Cruzadas  

Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Ba ya, ba ba latela ho ya fihla Jordane, ba bona tsela yohle e tletse diaparo le mesebetsi eo Basiria ba neng ba e lahlile ke ho potlaka. Mme manqosa a kgutla, a tsebisa morena.


Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;


Hobane tsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae ya silefera, le medimo ya hae ya kgauta, eo le iketseditseng yona ho etsa sebe ka yona.


Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.


Esita le morena ya leng hara bona, o tla jara thoto lehetleng, ka shwalane, a tswele ntle a le jwalo. Lerako le tla phunngwa ho mo ntshetsa ntle; o tla ikgurumetsa sefahleho, hore a se ke a bona lefatshe ka mahlo.


O tle o phunye lerako pela mahlo a bona, o ntshetse thoto ya hao ntle ka lesoba leo.


Ka baka leo, jwale, ba tla ya kgolehong, ba beilwe kapele ho bohle ba iswang teng; lerata la ba ikotlolotseng le tla fela.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?


Gileade yena a itulela hae mose wane ho Jordane! Dane a nna a dulelang dikepeng? Asere a itulela lebopong la lewatle, a dula a iketlile dikoung tsa hae.