Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Kaha le rata ho etsa sebe tloong Bethele; kaha le rata ho se atisa tloong Gilegale. Mahlabelo a lona le a nyehele ho tloha hoseng, diabo tsa lona le di ntshe ka tsatsi la boraro, le di ntshe ka tsatsi la boraro ka leng.

Ver Capítulo Copiar




Amose 4:4
16 Referencias Cruzadas  

Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Gileade ha a ikentse lefeela, o se a ya fela. Gilgale, ho hlajwa dipoho. Dialetare tsa bona di tla ba jwaloka difika tsa majwe pela moo ho lengwang.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Bolotsana bohle ba bona bo Gilgale. Ke moo ke ba hloileng. Ka baka la bobe ba metsamao ya bona, ke tla ba leleka tlung ya ka. Ha ke sa tla hlola ke ba rata; marena wohle a bona ke baikgantshi.


Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe.


Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.


mme le phethisisa tekanyo ya bontata lona.


Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.


A tla la boraro, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe! Ho a lekana; hora e tlile. Bonang, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.


Kamehla, motshehare le bosiu, o ne a le dithabeng le mabitleng, a ntse a howa a ikgoba ka majwe.


Etlare ha o qetile ho ntsha karolo ya leshome ya tseo o di kotulang selemong sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, o tla e nea Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba tle ba e je metseng ya hao, mme ba kgore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos