Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena Jehova o hlapantse ka bokgetheho ba hae, a re: Bonang, le tla hlahelwa ke matsatsi ao le tla hulwa ka dilope, masala a lona a hulwe ka ditshepe tsa ho tshwasa dihlapi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.

Ver Capítulo Copiar




Amose 4:2
11 Referencias Cruzadas  

Ke hlapantse ho hong kgalalelong ya ka, ka re: Nke ke ka iketsa ya leshano ho Davida!


Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;


Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.


Ke se ke ya kenya leutlana mehlahareng ya hao, ke etse hore dihlapi tsa dinoka tsa hao di kgomarele makgapetla a hao, ke o honyolle dinokeng tsa hao, dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao di kgomaretse makgapetla a hao.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;


Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.


Jehova o hlapantse ka kganya ya Jakobo, o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lona tsohle ho isa ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos