Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lona basadi ba Samaria, mamelang mona! Lona ba kang tswetse tsa Bashane, tswetse tse alohelang thabeng ya Samaria; lona ba hatellang mafutsana, le ripitle bahloki, lona ba reng ho banna ba lona: “Tlisang jwala, re nwe!”

Ver Capítulo Copiar




Amose 4:1
49 Referencias Cruzadas  

A reka thaba ya Samaria ho Semere, ka silefera e talenta tse pedi, a ba a haha thabeng, a bitsa motse oo a o hahileng Samaria ka lebitso la Semere, mong a thaba.


Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.


mohloki o suthiswa mmileng, mme e ka kgona mafutsana a naha a ipate kaofela.


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


Ke tseba hobane Jehova o ahlolela mohlomohi le hobane o lokisetsa ya lesitsi.


Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.


Morui o busa mafutsana, mme ya adimang ke mofo wa eo a adimileng ho yena.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!


Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!


Ba re: Tloong, ke tla batla veine, mme a tla tahwa ke jwala; jwalokaha ho bile kajeno, ho tla ba jwalo le hosasane, e, haholo ka ho fetisisa.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.


Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.


ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.


Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Le tla ja nama tsa diqhenqha, le tla nwa madi a marena a lefatshe: e leng dipheleu, le dikonyana, le diphooko, le dipoho; kaofela ha tsona e le tse nontshitsweng Bashane.


Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele.


Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;


Na ba babedi ba tla tsamaya hammoho, ba sa dumellana?


Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.


Ho madimabe lona ba iketlileng Sione, le lona ba tshepileng thaba ya Samaria, lona dihlooho tsa setjhaba se kapele ho tse ding, lona bao ba ntlo ya Iseraele ba ikisang ho lona.


Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hamorao, ba kgutla, mme ba nyoloha ka tsela ya Bashane. Yaba Oge, morena wa Bashane, o a tswa, a ba kgahlanyetsa ho ba lwantsha Edrei, a ena le batho ba hae kaofela.


O se ke wa ja mothoduwa, ya fumanehileng, ya hlokang, kapa e leng e mong wa banabeno, kapa e leng wa baditjhaba ba ahileng naheng ya hao le metseng ya hao.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos