Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.
Yaba Jehova o romela Nathane ho Davida, a tla ho yena, a re ho yena: Ho ne ho le banna ba babedi motseng o le mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana.
Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.
Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,
Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.
Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?