Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Nathane a re ho morena: Eya, o etse tsohle tse pelong ya hao, etswe Jehova a le ho wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Nathane a re ho kgosi: “Tsamaya o yo etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Morena o na le wena.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:3
14 Referencias Cruzadas  

Ka bona bosiu boo, lentswe la Jehova la tlela Nathane, la re:


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.


Davida a re ho Salomone, mora wa hae: E ne e le kgopolo ya pelo ya ka hore ke hahele lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo.


Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.


Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!


O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.


Mojari wa dibetsa, a re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng; tsamaya feela, ke nna enwa, ke na le wena kahohle kamoo o ratang kateng.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos