ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.
2 Samuele 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Morena Jehova, nna ke mang, le ntlo ya ka keng, ha o ntlisitse ho fihlela mona? BIBELE Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale? |
ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.
Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.
Ha ke re, ntlo ya ka e jwalo pela Modimo, hobane o hlabile le nna selekane se sa feleng, se lokileng kahohle, se tiileng! Ha ke re, o tla medisa polokeho ya ka yohle le tsohle tse lakatswang ke nna!
Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo, nna ke mang, mme ntlo ya ka keng, ha u ntlisitse ho fihla mona?
Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.
Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?
Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala; yaba Esekiase o nyolohela tlung ya Jehova, a le phutholla pela Jehova.
Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,
Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.
Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?
Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?
Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?
Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?