Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:11
21 Referencias Cruzadas  

a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botshepehi ba hae! Haele nna, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ya banababo mong a ka.


Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Rebeka a sebelwa polelo ya Esau mora wa hae e moholo; yaba o romela, a bitsa Jakobo, mora wa hae e monyenyane, a re ho yena: Bona, Esau, moholwane wa hao, o rata ho iphetetsa ka wena ka ho o bolaya.


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


Yaba Jakobo o tshoha haholo, a tsieleha, a arola batho bao a nang le bona, le manku le makgomo, le dikamele, a etsa dihlopha di le pedi.


Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.


Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Morena Jehova, nna ke mang, le ntlo ya ka keng, ha o ntlisitse ho fihlela mona?


O ntopolle botubong ba batho, ke tle ke boloke ditemoso tsa hao!


O mamele modumaelo wa ka, hobane ke hlomohile haholo; o ntopolle ho bahlorisi ba ka, hobane ba mpheta ka matla.


Oho Modimo, o mpoloke, hobane ke tshabela ho wena.


O boloke moya wa ka, o ntopolle; ke se ke ka swaba, hobane ke beile tshepo ya ka ho wena.


Phakisa o mpoloke! O be lefika ho nna, le setshabelo, le qhobosheane ya poloko!


Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.


Ngwanabo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane; diphapang tsa bona di ba jwaloka mekwallo e kwallang matlo a borena.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Etlere ha o tshoha o bona tseleng hodima sefate, kapa fatshe, sehlaha sa dinonyana se nang le madinyane, kapa mahe, mma wona a alamile madinyane, kapa mahe, o se ke wa nka nonyana le madinyane a yona;


Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.


Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos