Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare,
2 Samuele 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) leha e le jwaloka mohla ke neng ke laeleditse baahlodi setjhaba sa ka sa Iseraele. Haele wena, ke o phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hao; hape Jehova o a o bolella hore Jehova o tla o etsetsa ntlo. BIBELE ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla o phomotsa ho dira tsa hao tsohle. Morena o o boleletse hore o tla hodisa lelapa la hao. |
Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare,
Le taba eo ya ka e nyenyane pela hao, Morena Jehova; o bile o ekeditse wa bua bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao, ka ho re, e tla tiya motsotso o molelele! Hleka ke wona mokgwa wa batho, Morena Jehova, na?
Hobane, oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao wa re: Ke tla o hahela ntlo. Ke ka baka lena, ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho bea thapelo ena ho wena.
Ekare ha o utlwa tsohle tseo ke tla o laela tsona, o tsamaya tseleng tsa ka, o etsa tse lokileng mahlong a ka, o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha mohlanka wa ka Davida a entse, ke tla ba le wena, ke o hahele ntlo e tiileng, jwalokaha ke hahetse Davida, ke o nee Iseraele.
Ke se ke re: Ka Jehova ya utlwang, ya ntiisitseng, ya ntudisitseng teroneng ya ntate Davida, ya nkgahetseng ntlo, kamoo a neng a boletse kateng, ruri Adonija, o tla bolawa kajeno.
leha e le jwaloka mohla ke neng ke beile baahlodi ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele; ke kokobeditse dira tsa hao tsohle, mme ke o tsebisitse hore Jehova o tla o hahela ntlo.
Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo; e tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae; mme ke tla tiisa terone ya borena ba hae Iseraeleng ka ho sa feleng.
Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;
Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.
O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.
Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.
Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;
Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.
O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.