Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke lokiseditse le setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo; ke se hlomile, se tle se dule ha habo sona, se se ke sa hlola se ferekana le bakgopo ba se ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka hapele,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Baiseraele sebaka, ke se bee ho sona, e le hore se tle se phele sebakeng seo e leng sa sona, se se ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:10
25 Referencias Cruzadas  

Hape, ha nka ke ka boela ka namosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka mpa ba nna ba etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, le ka molao wohle oo mohlanka wa ka, Moshe, a ba laetseng wona.


Ke lokiseditse setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo, mme ke se hlomile, se bile se se se dutse ha habo sona; ha se ka ke sa hlola se ferekana, le bakgopo ha ba sa tla hlola ba se fedisa, jwaloka pele,


nke ke ka hlola ke tlosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka boloka le ho etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ka molao wohle, le dikomelo, le ditaelo tse beilweng ke Moshe.


O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


Modimo, ke wena Morena wa ka! o laole topollo ya Jakobo!


O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


wa o lokisetsa sebaka, mme wa nama metso, wa tlala naha,


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.


A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.


Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Ekare ha ke bolela setjhaba kapa mmuso, hore ke tla se ahisa le ho se hloma,


Ke tla ba tadima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatsheng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya; ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla.


Ha ho sa tla ba moutlwa o hlabang, kapa tsenene e bohloko ho ntlo ya Iseraele hara bohle ba e teetseng hare, ba neng ba e nyedisa, ho tle ho tsejwe hobane ke nna Morena Jehova.


Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.


Ke tla ba hloma naheng ya bona, mme ha ba sa tla hlola ba tloswa naheng ya bona, eo ke ba neileng yona: ho bolela Jehova, Modimo wa hao.


Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, hobane Sisera o ne a na le makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong; bana ba Iseraele ba tujwa hampe ke yena ka dilemo tse mashome a mabedi.


Ebile banna ba ratang ho hapa ba tswa diahelong tsa Bafilesta ka hlopha tse tharo, hlopha se seng sa ya ka tsela ya Ofra, sa ya naheng ya Shuale;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos