A mpa a hana ho sokoloha. Yaba Abnere o mo hlaba mpeng, a furaladitse lerumo, lerumo la ba la ya tswela kamorao. A wa, mme a shwela hona teng. Yaba bohle ba fihlang pela moo Asaele a weleng le ho shwela teng, ba ema.
2 Samuele 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba kena harehare ho ntlo, eka ba batla koro, ba mo hlaba mpeng; Rekabe le Baana ngwanabo ba ntoo baleha. BIBELE Bo-Rekabe le ngwanabo Baana ba kena ka tlung jwalokaha eka ba ilo reka koro, yaba ba mo hlaba tshweleseng mme ba baleha. |
A mpa a hana ho sokoloha. Yaba Abnere o mo hlaba mpeng, a furaladitse lerumo, lerumo la ba la ya tswela kamorao. A wa, mme a shwela hona teng. Yaba bohle ba fihlang pela moo Asaele a weleng le ho shwela teng, ba ema.
athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng. Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.
Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.
Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;