Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?
2 Samuele 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile banna ba Juda ba tla teng, ba tlotsa Davida, ba mmea morena wa ntlo ya Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule. BIBELE Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.” |
Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?
Banna bohle ba Juda ba fetola banna ba Iseraele, ba re: Ke kahobane morena o haufi haholo le rona ka ho tswalwa; le halefetseng ka taba ena na? Na le ho ja, re jele tsa morena, kapa na o re neile dimpho na?
Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.
Jwale, tiisang matsoho a lona, le etse ka senna; hobane haele Saule, morena wa lona, o timetse, mme nna ba ntlo ya Juda ba ntlotsitse hore ke be morena wa bona.
Ha ho le jwalo, Davida a lata masapo a Saule, le masapo a Jonathane mora hae, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a tlositse lepatlelong la Bethe-Shane, moo Bafilesta ba neng ba a fanyehile, mohla Bafilesta ba bolayang Saule Gilboa.
Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.
Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.
A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.
Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!
Eitse ha bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa tsohle tseo Bafilesta ba di entseng ka Saule,
Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone; Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova; mme ba tlotsa Davida, ho mo etsa morena wa Iseraele, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka Samuele.
Haele banna ba hlomeletseng ntwa, ba neng ba tle ho Davida, Hebrone, ho fetisetsa borena ba Saule ho yena, ka taelo ya Jehova, palo ya bona ka dihlooho tsa bona ke ena:
Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo. Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.