Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Dikronike 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone; Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova; mme ba tlotsa Davida, ho mo etsa morena wa Iseraele, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka Samuele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yaba baholo bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Davida a etsa selekane le bona moo Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka Samuele.

Ver Capítulo Copiar




1 Dikronike 11:3
15 Referencias Cruzadas  

Ebile banna ba Juda ba tla teng, ba tlotsa Davida, ba mmea morena wa ntlo ya Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.


Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.


Ke tsena dihlooho tsa banna ba bahale ba Davida, ba nnileng ba mo emela boreneng ba hae, ba ena le Baiseraele bohle, ba tle ba mmee morena, ka polelo e neng e boletswe ke Jehova bakeng sa Iseraele.


Mme phutheho yohle ya hlaba selekane le morena ka tlung ya Modimo. Jehojada a re ho bona: Bonang, ngwana morena o tla busa jwalokaha Jehova a boletse bakeng sa bara ba Davida.


Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.


Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


O biletse Jese sehlabelong, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa, mme o tla ntlotsetsa eo ke tla o laela yena.


Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.


Jehova o fela a entse jwalokaha a ne a bue ka nna; Jehova a hahotse mmuso matsohong a hao, o o neile wa heno, Davida.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos