Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:4 - BIBELE

4 Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ebile banna ba Juda ba tla teng, ba tlotsa Davida, ba mmea morena wa ntlo ya Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:4
16 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: ‘Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile.


Banna bohle ba morabe wa Juda ba araba banna ba Iseraele, ba re: “Ke kahobane kgosi e tswalana le rona. Jwale taba ee e le halefisa ka baka lefe? Na kgosi e kile ya re fepa? Kapa ebe re filwe dimpho?”


Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.


Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule,


Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.


Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya Iseraele, ba futuha bohle, ba ya tsoma Davida. Ha Davida a utlwa hona, a theohela qhobosheaneng.


Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.


Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Ha baahi bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule,


Yaba baholo bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Davida a etsa selekane le bona moo Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka Samuele.


Ena ke palo ya bahlabani ba mabothwana a hlometseng, a ileng a tla ho Davida ha a le Heborone, ho ya mmea hore e be kgosi sebakeng sa Saule, ho ya ka polelo ya Morena.


Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos